Re ya ho boka Morena (HD video) | YMG Bokone Bophirima Revival 2025

[Click subscribe for more amazing content to come!] 1 Thabang le nyakalle, ba le hodimo, Le thabele baetsadibe; Ke ba tswang lefifing, ba tswa timelong, Ba thabeleng, ba phonyohile. Bokang, le rorise modimo, Bokang le lerato la Jesu; Tumisang ka pina tsa khalalelo Mohlolo ona wa mohau. 2 Thabang le nyakalle, ba le hodimong, Baphaphathehi ba khutlile; Ba tla ba fokotse, bat la ka dihlong, Le teng, thabang, ha ba fihlile. Bokang le rorise modimo… 3 Thabang le nyakalle, ba le hodimong, Ho fentse lerato la Jesu; Baikhohomosi ba tlile khotsong, Ba mo ananetse ka pelo Bokang le rorise modimo… 4 E, pel'a modimo, thabo e kakaang! Badibe ba tliswa ke Jesu; Ba akiloe ke ntate ya ba ratang, Le bona ba bone mohau. Bokang le rorise modimo…